ESEKIELE 11:19

(Ref: NWT/YV/Translatesotho.com)

And I will give them one heart, and I will put a new spirit within you; and I will take the stony heart out of their flesh, and will give them an heart of flesh: (Ezekiel 11:19 KJV)

Ke tla ba nea pelo e le nngwe, ke ba nee le moya o motjha, ke fedise dipelo tsa bona tse thata, ke ba nee dipelo tse ikokobeditseng. (ESEKIELE 11:19 SSO89SO)

Ke tla ba nea pelo e le nngwe, ke be ke bee moya o motjha kahare ho bona; ke tla ntsha pelo ya lejwe nameng ya bona, mme ke ba nee pelo ya nama; (ESEKIELE 11:19 SSO61SO)

19 Ke tla ba fa pelo e le ’ngoe, ’me ke tla kenya moea o mocha ka hare ho bona; ka sebele ke tla tlosa pelo ea lejoe nameng ea bona ’me ke ba fe pelo ea nama,

ESAIA 56:7

(Ref: NWT/YV/Translatesotho.com)

Even them will I bring to my holy mountain, and make them joyful in my house of prayer: their burnt offerings and their sacrifices shall be accepted upon mine altar; for mine house shall be called an house of prayer for all people. (Isaiah 56:7 KJV)

7 ke tla boela ke ba tlise thabeng ea ka e halalelang ’me ke etse hore ba thabe ka har’a ntlo ea ka ea thapelo. Linyehelo tsa bona tsa secheso tse feletseng le mahlabelo a bona a tla amoheloa aletareng ea ka. Etsoe ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle.”

ke tla ba tlisa thabeng ya ka e halalelang, ke ba thabise ka tlung ya ka ya thapelo; ditjheso tsa bona le mahlabelo a bona di tla amohelwa hantle aletareng ya ka, hobane ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo ho ditjhaba kaofela. (ESAIA 56:7 SSO61SO)

bona ke tla ba tlisa thabeng ya ka e halalelang, ke ba thabise ka tlung ya ka ya thapelo. Nyehelo tsa bona tsa setjheso le mahlabelo a bona, tsena ke tla di amohela aletareng ya ka, hobane ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo, e bitswe ntlo ya thapelo ya ditjhaba tsohle.” (ESAYA 56:7 SSO89SO)

MATTHEU 7:7, 8 S

(Ref: NWT/YV/Translatesotho.com)

Ask, and it shall be given you; seek, and ye shall find; knock, and it shall be opened unto you: For every one that asketh receiveth; and he that seeketh findeth; and to him that knocketh it shall be opened. (Matthew 7:7, 8 KJV)

Kopang, mme le tla newa; batlang, mme le tla fumana; kokotang, mme le tla bulelwa. Hobane e mong le e mong ya kopang, o a newa; ya batlang o a fumana, mme ho bulelwa ya kokotang. (MATTHEU 7:7, 8 SSO61SO)
“Kopang, le tla fuwa; batlang, le tla fumana; kokotang, le tla bulelwa, hobane mang kapa mang ya kopang o a fuwa, ya batlang o a fumana, mme ya kokotang o a bulelwa. (MATHEU 7:7, 8 SSO89SO)

7 “Le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa; le ’ne le batle, ’me le tla fumana; le ’ne le kokote, ’me le tla buleloa. 8 Etsoe e mong le e mong ea kōpang oa amohela, e mong le e mong ea batlang oa fumana, ’me e mong le e mong ea kokotang o tla buleloa.

JOHANNE 14:27

(Ref: YV/Translatesotho.com)

Peace I leave with you, my peace I give unto you: not as the world giveth, give I unto you. Let not your heart be troubled, neither let it be afraid. (John 14:27 KJV)

Ke le siela kgotso, ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fanang kateng. Pelo tsa lona di se ferekane, leha e le ho ba boi. (JOHANNE 14:27 SSO89SO)

Ke le siela kgotso; ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fang kateng. Dipelo tsa lona di se ferekane, mme di se tshohe. (JOHANNE 14:27 SSO61SO)

27 Ke le siela khotso, ke le fa khotso ea ka. Ha ke le fe eona ka tsela eo lefatše le fanang ka eona. Le se ke la lumella lipelo tsa lōna hore li khathatsehe kapa la li lumella hore li ikhule ke tšabo.

DIPESALEME 86:13 SSO61SO

(Ref: YV/Translatesotho.com)

For great is thy mercy toward me: and thou hast delivered my soul from the lowest hell. (Psalms 86:13 KJV)

Hobane mohau wa hao o moholo ka nqa ho nna, mme o nyolotse moya wa ka tlasetlase nqalong ya bafu. (DIPESALEME 86:13 SSO61SO)

Ho nna mohau wa hao o moholo, ke wena ya ntopolotseng botebong ba Nqalo ya Bafu. (DIPESALEMA 86:13 SSO89SO)

13 Etsoe mosa oa hao o lerato o moholo bakeng sa ka,
U lopolotse moea oa ka Sheole, sebakeng sa eona se tlaase-tlaase.

DIPESALEME 139:14 SSO61SO)

(Ref: YV/Translatesotho.com)

I will praise thee; for I am fearfully and wonderfully made: marvellous are thy works; and that my soul knoweth right well. (Psalms 139:14 KJV)

Mesebetsi ya hao e a makatsa, moya wa ka o tseba teng haholoholo. (DIPESALEME 139:14 SSO61SO)

Ke a o boka, hobane o mpopile ka mokgwa o makatsang; mesebetsi ya hao e a hlolla, hona ke ho tseba hantle. (DIPESALEMA 139:14 SSO89SO)

14 Ke tla u roka hobane ka tsela e tšosang ke entsoe ka mokhoa o hlollang.
Mesebetsi ea hao ea hlolla,
Joalokaha moea oa ka o hlokomela hantle haholo.

II TIMOTHEA 1:7 SSO61SO)

(Ref: YV/Translatesotho.com)

For God hath not given us the spirit of fear; but of power, and of love, and of a sound mind. (2 Timothy 1:7 KJV)

Modimo ha a a ka a re nea moya wa bokwala, empa o re neile moya wa matla, wa lerato le wa boitshwaro. (2 TIMOTHEA 1:7 SSO89SO)

Hobane Modimo ha o a ka wa re nea moya o boi, empa e le wa matla, le wa lerato, le wa kelello. (II TIMOTHEA 1:7 SSO61SO)

(I PETROSE 5:6, 7 SSO61SO)

(Ref: YV/NWT/Translatesotho.com)
Humble yourselves therefore under the mighty hand of God, that he may exalt you in due time: Casting all your care upon him; for he careth for you. (1 Peter 5:6, 7 KJV)
Ka baka leo, le ke le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, o tle o le phahamise nakong e tshwanelang. Lahlelang dipelaelo tsohle tsa lona hodima wona; hobane o a le hlokomela. (I PETROSE 5:6, 7 SSO61SO)

Jwale le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, e le hore a tle a le phahamise ka nako e lokelang. Ditsietsi tsohle tsa lona le di rolele ho yena, hobane ke yena ya le baballang. (1 PETROSE 5:6, 7 SSO89SO)
6 Ka hona, le ikokobetse tlas’a letsoho le matla la Molimo, e le hore a ka le phahamisa nakong e loketseng; 7 ha le ntse le lahlela matšoenyeho ’ohle a lōna ho eena, hobane oa le tsotella.

JEREMIA 29:13 SSO61SO

(Ref: YV/NWT/Translatesotho.com)
And ye shall seek me, and find me, when ye shall search for me with all your heart. (Jeremiah 29:13 KJV)

Le tla mpatla, mme le mphumane, haeba le mpatla ka dipelo tsa lona tsohle. (JEREMIA 29:13 SSO89SO)

Le tla mpatla, le be le mphumane, hobane le tla mpatla ka pelo tsohle tsa lona. (JEREMIA 29:13 SSO61SO)

13 “‘Le tla mpatla ’me le mphumane, etsoe le tla mpatla ka lipelo tsohle tsa lōna.

futsanehileng/mafutsana

(Ref: YV/NWT/Translatesotho.com)
1. poor =ba futsanehileng
2. poor =futsaneha
3. poor =mafutsana
4. poor =futsanehileng

The rich man is wise in his own conceit; but the poor that hath understanding searcheth him out. He that giveth unto the poor shall not lack: but he that hideth his eyes shall have many a curse. (Proverbs 28:11, 27 KJV)

Morui o bohlale mahlong a hae, empa o lemohuwa ke mofutsana ya kelello. Ya sitsang bafumanehi a ke ke a hloka; haele ya itutubatsang mahlo, ho tla ata dithohako ho yena. (DIPROVERBIA 28:11, 27 SSO61SO)

Morui o ithetsa ka ho re o bohlale, mofutsana ya sedi o lemoha boithetso boo ba hae. Ya fanang ho mafutsana ha ho seo a ka se hlokang; ya sa a natseng ka letho o tla rohakwa ke ba bangata. (MAELE 28:11, 27 SSO89SO)

11 Motho ea ruileng o ipona bohlale, empa ea tlaase ea nang le temoho oa mo phenya.
27 Ea fang ea nang le ho honyenyane a ke ke a hloka, empa ea ipatang mahlo o tla fumana bomalimabe bo bongata.