Not just One, but All

The Lord is not slack concerning his promise, as some men count slackness; but is longsuffering to us-ward, not willing that any should perish, but that all should come to repentance. (‭2 Peter‬ ‭3‬:‭9‬ KJV)

Morena ha a diehe ho phethahatsa ditshepiso tsa hae, jwalokaha ba bang ba lekanya hore o a dieha. Empa o a le mamella, hobane ha a rate ha ho ka timela leha a le mong, empa o rata hore bohle ba bake. (‭2 PETROSE‬ ‭3‬:‭9‬ SSO89SO)

Perfect Love

There is no fear in love; but perfect love casteth out fear: because fear hath torment. He that feareth is not made perfect in love. (‭1 John‬ ‭4‬:‭18‬ KJV)

Tshabo ha e yo leratong, empa lerato le phethehileng le qhala tshabo, hobane tshabo e tsamaya le kotlo. Ya nang le tshabo ha a a phetheha leratong. (‭1 JOHANNE‬ ‭4‬:‭18‬ SSO89SO)

His Love for Us

But as it is written, Eye hath not seen, nor ear heard, neither have entered into the heart of man, the things which God hath prepared for them that love him. (‭1 Corinthians‬ ‭2‬:‭9‬ KJV)

Empa jwalokaha ho ngotswe, “Tseo leihlo le sa kang la di bona, tsebe e sa kang ya di utlwa, le kelello ya motho e sa kang ya di lekanya, ke tsona tseo Modimo a di lokiseditseng ba mo ratang.” (‭1 BAKORINTHE‬ ‭2‬:‭9‬ SSO89SO)

Fear not….

Fear thou not; for I am with thee: be not dismayed; for I am thy God: I will strengthen thee; yea, I will help thee; yea, I will uphold thee with the right hand of my righteousness. (‭Isaiah‬ ‭41‬:‭10‬ KJV
O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena, o se tsielehe, hobane ke Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa, ke be ke o thuse, ke o tshehetse ka tsoho la ka le letona, ka tsoho le letona le etsang ho loka. (‭ESAYA‬ ‭41‬:‭10‬ SSO89SO)

Search & Guide

Search me, O God, and know my heart: try me, and know my thoughts: And see if there be any wicked way in me, and lead me in the way everlasting. (‭Psalms‬ ‭139‬:‭23-24‬ KJV)

Ntlhahlobe, Modimo, o tsebe pelo ya ka; o nnonye maikutlo, o tsebe mehopolo ya ka; o bone hore na ke tseleng e mpe, o ntsamaise tseleng ya kamehla yohle. (‭DIPESALEMA‬ ‭139‬:‭23-24‬ SSO89SO)

Perfect Love

There is no fear in love; but perfect love casteth out fear: because fear hath torment. He that feareth is not made perfect in love. (‭1 John‬ ‭4‬:‭18‬ KJV)

Tshabo ha e yo leratong, empa lerato le phethehileng le qhala tshabo, hobane tshabo e tsamaya le kotlo. Ya nang le tshabo ha a a phetheha leratong. (‭1 JOHANNE‬ ‭4‬:‭18‬ SSO89SO)

My Desire to Seek Thee

O God, thou art my God; early will I seek thee: my soul thirsteth for thee, my flesh longeth for thee in a dry and thirsty land, where no water is; (‭Psalms‬ ‭63‬:‭1‬ KJV)

Modimo, ke wena Modimo wa ka, Modimo eo ke mmatlang, moya wa ka o o nyoretswe, mmele wa ka o o hlolohetswe, jwaloka naha e omeletseng, e kgathetseng, e hlokang metsi. (‭DIPESALEMA‬ ‭63‬:‭2‬ SSO89SO)